Palekgutshwe ena e ka thusa ngwana ho nahana ka hloko, le ho ka mo ruta ho ka ipopela ditshwantsho ka bo yena ha a bala kapa a ballwa buka ena. Ke palekgutshwe e kgahlisang haholo, hobane e ka ruta bana ba sa tsebeng ka bophelo ba mahaeng, hore na bana ba phelang mahaeng ba hola jwang kapa ba bapala jwang. Ke palekgutshwe e patile mophithi wa yona, hobane lebitso la hae ha le hlahe, ho hlaha lebitso la kgaitsedi ya hae, e leng Tshenolo. Tshenolo ke sehlooho sa palekgutshwe ena. Ke ngwanana ya ileng a nyamela, ha abutiae le metswalle ya hae ba sesa molatswaneng o haufi le moo ba phelang teng.