Le ha o ka tsamaya lefifing, wa hlwa moepa wa ditsietsi le mahlomola. Empa qetellong ho tla hlaha lesedi, le wena o tla fihla botsitsong. Tsela ya hao e tla kganya. Tsena tsohle di tla etsahala ha feela o na le tshepo, hobane tshepo le mamello ke tsona tse re jarang moo re utlwang hore re se re kgathetse, re fellwa ke matla kapa hona ho nyahama. Mphumuleng meokgo ke buka e tshwereng lethathamo la dithothokiso tse hlomolang pelo, tse tshidisang le tse fanang ka tshepo, ntlheng ya ho fothola lehola metso. Hobane ngaka e ke se phekole bohloko boo e sa bo boneng. Dithothokiso tse ka hara buka ena di ka tsosa bohloko kapa dintho tseo o neng o leka ho itebatsa tsona.
Empa tse ding tsa dithothokiso di tla o kgannela pholong hore o lokolohe moyeng, le ho ba le tshepo ya hore dintho di tla fetoha, mme bophelo bo tla tswela-pele.